BILI YA BOLAODI BA POLOKEHO YA RALEWA
YA SETJHABA
Jwalo ka ha e sisintswe ka Palamenteng ya Setjhaba e le Bili ya 76; kgutsufatso e hlalosang Bili ena e phatlaladitswe Koranteng ya Mmuso ya Nomoro ya Nomoro ya 23100 ya mohla la 6 Hlakola selemong sa 2002 Sengolwa sa Senyesemane ke sona seo eleng sengolwa sa Mmuso sa Bili ena
B7----2002 ISBN 0 621 32091 9
Nomoro ya dikhopi tse hatitisweng ????.. 1 800
BILI
Ho theha monyetla wa tlhomamiso ya Taolo ya Polokeho ya Ralewa hore ho tle ho laolwe tshebetso e bolokehileng ya ralewa, molemong wa maikemisetso a yona le mesebetsi ya yona, ka mokgwa oo e tla tsamaiswa ka teng le bakeng sa ditaba tsa moifo wa yona wa tshebetso; hore ho be le monyetla o teng wa maemo a polokeho le ditlwaelo tsa taolo ya tshireletso ya batho, theepa le tikoloho; le ho etsa monyetla bakeng sa ditaba kaofela tse tsamaelanang le moo.
Selelekela
KANANELO ya hore tshebetso e bolokehileng ya ralewa ke yona kaletsa ya bophelo bo botle le polokeho ya batho kaofela ha mmoho le tikoloho;
KANANELO ya hore tshebetso e bolokehileng ya ralewa indastring ya ralewa ya dipalangwang e kgothaletsa tshebediso ya ralewa jwalo ka mokgwa wa dipalangwang o sebetsang hantle;
KANANELO ya hore tshebetso e bolokehileng ya ralewa e lokela ho hlokomelwa ka mokgwa o sebetsang hantle, e tsamaiswe le ho hokanngwa ka mokgwa o loketseng ho tiisa polokeho ya yona;
KANANELO ya hore tshebetso e bolokehileng ya ralewa e na le kamano le tshebetso ya bophelo bo botle mosebetsing le polokeho ha mmoho le tshireletso;
KANANELO ya hore ditaba tsa polokeho le tshireletso di tsamaelana mmoho mme bolaodi bo na le seabo sa bohlokwa tshebetsong e bolokehileng ya ralewa le seabo sa tshehetso ya tshebetso ya bophelo bo botle le polokeho mosebetsing ekasitana le tshireletso.
KAMOHELO ya hore makala ohle a mmuso a nang le seabo tshebetsong ya ralewang a lokela hore a sebedisane molemong wa hore metheo ya mmuso o kopanetsweng e sebetse ha mmoho le maqhama a ntseng a lohothwa a tshebedisano ya mmuso ka bo-ona Kgaolong ya Boraro ya Molao wa Motheo;
LE HORE HO TLE HO:
etswe monyetla le ho ntshetsa pele tshebetso e bolokehileng ya ralewa;
kgothaletsa tshebedisano ya makala a ba nang le thahasello le ba amehang ho ntlafatsa polokeho ya polokeho ya ralewa;
ananelwe boikarabelo ba mantlha le hore basebetsi ba ralewa ba be le boikarabelo ba ho netefatsa hore tshebetso ya bona e bolokehile;
etsa monyetla wa moifo wa taolo wa sejwalejwale,o tenyetsehang le o sebetsang hantle o tla netefatsa hore ho dule ho matlafatswa tshebetso e bolokehileng ya ralewa; le tlisa ho ntshetsa pele taba ya ho kgema mmoho ha moifo wa Afrika Borwa wa polokeho ya ralewa le maikemisetso le ditlhoko tsa tshebetso ya polokeho ya ralewa ya Ntshetsopele ya Setjhaba sa Afrika e ka Borwa,
KA TSELA E JWALO O ETSWA MOLAO ke Palamente ya Rephaboliki ya Afrika Borwa ka mokgwa o latelang:-
Karolo
KGAOLO YA PELE
KGAOLO YA BOBEDI
SEPHEO LE TSHEBEDISO
Sepheo saMolao
KGAOLO YA BORARO
TLHOMAMISO LE PUSO YA TAOLO YA POLOKEHO YA RALEWA
Tlhomamiso ya Bolaodi ya Polokeho ya Ralewa
Maikemisetso a Bolaodi
Puso ya tshebedisano
Mesebetsi ya Bolaodi
Lekgotla la Bolaodi
Mohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Bolaodi
Moifo wa Tshebetso wa Bolaodi
Nehelano le kabo ya mosebetsi ke lekgotla
Tsela ya ho tswa ofising ha ditho tsa lekgotla
Dikopano tsa Lekgotla
Metsotso ya lekgotla
Dikomiti tsa lekgotla
Moputso wa baokamedi le ditho tsa komiti
Ditjhelete tsa Bolaodi
Ha ho hlokeha ditumellano dipakeng tsa Letona le Lekgotla
Pehelo e etsetswang Letona le Palamente
Tsamaiso ya Molao ho futsanehisa Bolaodi
KGAOLO YA BONE
TUMELLO TSA POLOKEHO
Mesebetsi ya Ralewa e hlokang polokeho
Kopo ya tumello ya polokeho
Dipehelano tsa tumello ya polokeho
Mabaka a qeto
Ho kgaolwa, ho hulwa le ho leswa ha tumello ya polokeho
Thibelo ya ho fetisa tumello ya polokeho
KGAOLO YA BOHLANO
TSAMAISO YA POLOKEHO
Karolo ya 1
Mekgwa ya Tsamaiso ya Polokeho le Maemo
Melawana ya mekgwa ya tsamaiso ya polokeho le dipehelo tsa mokgwa wa tsamaiso wa polokeho
Maemo
Karolo ya 2
Theepa, Meralo le diteishene
Melawana ya ho rala, kaho, tshebetso le tokiso
Karolo ya 3
Tshebetso eo eseng ya ralewa e amang polokeho
Melawana ya meralo efe kapa efe kapa mosebetsi o amang tshebetso tse bolokehileng tsa ralewa
Karolo ya 4
Ditaba tsa Tshireletso ya Setjhaba
Melawana ya ditaba tsa tshireletso ya setjhaba
KGAOLO YA BOTSHELELA
MAKENO LE TLHAHLOBO
Ho fuwa mosebetsi ha mohlahlobi wa polokeho
Matla le mesebetsi ya mohlahlobi wa polokeho
Mosebetsi wa ho thusa mohlahlobi wa polokeho
Mosebetsi wa ho hlahisa ditokomane
Matla a mohlahlobi wa polokeho a ho sebetsana le maemo a hlokang polokeho
KGAOLO YA BOSUPA
PEHELO YA RALEWA HA HO NA LE SE HLAHILENG LE DIPHUPUTSO
Pehelo ya ralewa ha ho na le se etsahetseng
Diphuputso tsa ralewa tsa tse etsahetseng
KGAOLO YA BOROBEDI
Tlhomamiso ya lesedi la ralewa la polokeho ya naha le mekgwa ya tlhokomelo
Ho kgona ho finyella lesedi
Melawana ya tlhokomelo, tlhahlobo le lesedi
KGAOLO YA BOROBONG
BOIPILETSO LE THAROLLO YA QABANG
Boipiletso ho mohlanka e moholo wa phethahatso ka qeto ya mohlanka wa polokeho
Boipiletso ho lekgotla ka qeto ya mohlanka e moholo wa phethahatso
KGAOLO YA BOLESHOME
DITLOLO LE THAROLLO
Ditlolo
Dipotsisiso mabapi le ditlhapiso tsa ho hlaha kotsi, tahlehelo kapa tshenyo e bakilweng
Tefo ya ditshenyehelo
Ditlolo ho mabapi le dikamano tsa ramosebetsi le mosebetsi
Boikarabelo ba mookamedi
KGAOLO YA LESHOME LE MOTSO O LE MONG
DITEMANA TSE AKARETSANG TSE MABAPI LE MELAWANA
Ho etswa ha melawana
Tekolo ya melawana
KGAOLO YA LESHOME LE METSO E MMEDI
DIPEHELO TSE AKARETSANG LE TSA NAKWANA
Tse tlamang mmuso
Moedi wa boikarabelo
Thuso ya ditjhelete
Tshebedisano ya Matjhaba
Ditokomane tse nkwang di na le matla ebile di ntshitswe ka tshwanelo
Ditokomane le mehato e nang le matla a tshebetso tlasa maemo a itseng
Tshebeletso ya ditokomane
Ho fediswa ha melawana le dipoloko
Sehlooho se sekgutshwanyane le tshimoloho
KGAOLO YA PELE
Molaong ona , ntle le moo moelelo o bontshang hore ho hopotswe ka moelelo o mong-
i ?mokgatlo? o bolela mokgatlo o ananetsweng ke Bolaodi ho latela karolo ya 71j ya Molao ona mme mona ho kenyeletswa le mokgatlo wa indastri ya ralewa;
ii ?lekgotla? le bolela Lekgotla la Balaodi jwalo ka ha ho boletswe temaneng ya 8;
iii ?diphahlo tse kotsi? ho bolelwa diphahlo, ho itseng le dintho tse hlahang lenaneng le qaqiso la Biro ya Afrika Borwa ya Maemo SABS 0228 ?Tsebahatso le tlhophollo ya diphahlo tse kotsi?;
iv ?nyehelo tsa batho? di bolela nyehelo tse kenyeletsang bokgoni bo hopolelwang, ba sebele bo bonwang le ba kelello ya batho le kamano ya batho le mesebetsi ya bona le tikoloho ya bona ya mosebetsi; tshusumetso eo theepa le tsela ya moralo di nang le yona tshebetsong ya motho; makgetha a tlhophiso a nang le tshusumetsoboitshwarong bo amanang le polokeho mosebetsing.
iv ?indastri? e bolela indastri ya ralewa mme e kenyeletsa basebetsi, bafepedi, ba thotang, boradikontraka le dienjineri tse tlang ka ho tla tshwara ditherisano;
v ?Letona? le bolela Letona la Dipalangwang;
vi ?marangrang a tshebetso? a bolela mokgwa wa ralewa wa dikarolo tse kenyeletsang treke, moralo wa mesebetsi ya boenjineri, mokgwa wa taolo ya terene le moralo wa mosebetsi wa motlakase wa treke o kenyeletsang seporo, dijarete tsa ralewa, diteishene tse nyenyane le tsa poraefete le ntho efe kapa efe e ka laeletswang;
vii ?opareitara ya marangrang a tshebetso? mona ho bolelwa motho ya laolang sephethephethe sa ralewa ka marangrang ana, ho kenyeleditswe tsamaiso ya marangrang ana a tshebetso;
viii ?opareitara? ho bolelwa mosebetsi wa marangrang a tshebetso, opareitara ya terene kapa opareitara ya seteisheneng kapa motswako wa tsena di le pedi kapa di le tharo;
ix ?motho? o kenyeletsa motho ya tlwaelehileng, motho wa molao, motho ya sa sebetseng moo, mokgatlo, lekala la mmuso le Letona;
x ?batho ba nang le kgolofalo tse itseng? ho bolelwa batho ba nang le tshitiso ya ka nako e telele kapa e dulang e tswela pele mmeleng kapa kelellong e etsang hore ba seke ba kgona ho sebedisa haholo menyetla ya dipalangwang tsa ralewa ntle le hore ba thuswe;
xi ?taeletso? e bolela se laeletswang ke molawana o itseng;
xii ?ralewa? e bolela mokgwa o hlophisitsweng le o radilweng bakeng sa makoloi a tsamayang a ralewa, o nang le bokgoni ba ho tsamaisa bapalami, theepa kapa tsona di le pedi seporong mme ebile ho kenyeletswa le tse tsamaiswang naheng, marangrang, makoloi a ralewa , sebaka sa tshebetso, metjhine, theepa le theepa e kekeng ya kgona hore e thotwe le e kgonang ho thotwa ya tlhaloso e nngwe le e nngwe kapa ya mofuta o kgonang ho sebediswa mabapi le kapa bakeng sa morero wa tshebetso ya ralewa;
xiii ?mokgatlo wa indastri ya ralewa? o bolela mokgatlo o ananetsweng ke Bolaodi ho latela karolo ya 71j;
xiv ?ketsahalo ya ralewa? e bolela kotsi ya ralewa kapa kotsi ya ralewa ho latela ka moo e laeleditsweng ka ten;
xv ?tshebetso ya ralewa? mesebetsi e etswang ke mosebetsi ya laolang marangrang, mosebetsi ya tsamaisang terene kapa mosebetsi ya tsamaisang seteishene kapa motswako wa tsona di le pedi kapa di le tharo;
xvi ?Bolaodi? bo bolela Bolaodi ba Polokeho ba Ralewa bo thehilweng ho latela karolo ya 4;
xvii ?makoloi a ralewa? a hlalosa koloi e kgonang ho tsamaiswa seporong, ho sa natswe hore bokgoni ba yona ba ho itsamaisa bo bokae;
xviii ?tshebetso e bolokehileng ya ralewa? e bolela tshebetso ya ralewa eo ho yona mathata a amanngwang le tshebetso ya ralewa a ka bang le tshusumetso polokehong ya batho le theepa e thotwang ke ralewa le polokeho ya batho, theepa e nngwe le tikoloho, a leng tlase ka moo ho utlwahalang ka mokgwa o kgonehang ho latela maemo a leng teng, mme mona ha ho kenyeletswe tshireletso;
xix ?tshireletso? e bolela bolokolohi kotsing e ka etswang ka boomo kapa ho tshenyehelo e ka hlahelang batho kapa theepa;
xx ?polokeho? e bolela leqeme la diketsahalo tsa ralewa, dikotsi tse bolayang, dikotsi kapa tshenyo tshebetsong ya ralewa;
xxi ?mokgwa wa taolo ya polokeho? o bolela moralo wwa molao wa ho tswaka polokeho le tshebetso ya letsatsi le leng le le leng ya ralewa mme ho kenyeletswa merero ya polokeho le maikemisetso a lokelang ho fihlellwa a tshebetso, tekanyo ya mathata, boikarabelo le taolo, melawana le mehato e lokelang ho latelwa, tlhokomelo le mekgwa ya tlhahlobo le taba efe kapa efe e ka laeletswang;
xxii ?pehelo ya mokgwa wa taolo ya polokeho? e bolela nehelano ya pehelo e ngotsweng, e entsweng ke moikopedi , ho tshehetsa kopo ya tumello ya polokeho e hlalosang mokgwa wa taolo ya polokeho ya moikopedi mme e ka kenyeletsa le ditaba tse ding tse laeleditsweng;
xxiii ?tumello ya polokeho? e bolela tumello eo ho buuweng ka yona Kgaolong ya Bone;
xxv ?opareitara ya seteisheneng? ho bolelwa motho ya laolang motsamao wa bapalami le wa batho ba bang wa ho kena le ho tswa seteisheneng ekasitana le taolo ya seteishene ka kakaretso;
xxvi ?opareitara ya terene? ho bolelwa motho ya taolong ya marangrang a motsamao le tsamaiso ya koloi e tsamayang seporong.
Molaong ona, moo lentswe kapa polelo e fuwang moelelo o itseng, dikarolo tse ding tsa puo le dibopeho tsa puo tsa lentswe kapa polelo eo, ntle le moo ho hlahelang ditemana tse ding tse tshwanetseng tse sa dumellaneng le hoo, di na le meelelo e tsamaelanang.
Ha ho hlaloswa temana ya Molao, tlhaloso e nngwe le e nngwe e utlwahalang e tsamaelanang le sepheo sa Molao ona jwalo ka ha ho hlalositswe karolong ya 2, e lokela hore e be yona e nkellwang hloohong ho feta tlhaloso efe kapa efe e nngwe e sa tsamaelaneng le sepheo seo.
Taelo efe kapa efe kapa tsebiso eo ho fanweng ka yona ho latela Molao ona e lokela hore e be e ngotsweng fatshe, ntle le ha ho qaqisitswe ka mokgwa o mong Molaong ona.
Molawana ofe kapa ofe o entsweng tlasa Molao ona o lokela ho hlahela ka hodimo ho boemo bofe kapa bofe bo amohetsweng ke lekgotla tlasa karolo ya 292.
Ka sepheo sa Molao ona, ha ho tadingwa hore tshebetso ya ralewa ke tshebetso e bolokehileng kapa hore molao kapa ntho e tlisang tshoso ya polokeho tshebetsong ya ralewa, kapa e matlafatsang polokeho ya tshebetso ya ralewa, ho tshwanetse hore ho se ke ha shejwa feela polokeho ya batho kapa ya theepa e palamiswang ke relewa empa ho tsepamiswe maikutlo polokehong ya batho ba nang le dikgaello le batho ba bang ha mmoho le theepa e nngwe.
Molemong wa Molao ona, tshoso e etswang bakeng sa polokeho ke kotsi kapa boemo bo ka lebellwang ka tsela e utlwahalang hore bo ka tswela pele ho fihlela boemo boo ho bona ho ka bang le motho ya kulang kapa ha hlaha kotsi kapa ha shwa motho kapa boemo bo ho bona ho bakwang tshenyo tikolohong kapa theepeng, mme tshoso ya polokeho e potlaka ho ba teng ha boemo bo jwalo bo se bo le teng.
KGAOLO YA BOBEDI
SEPHEO LE TSHEBEDISO
Sepheo sa Molao ona ke ho ?
a etsa monyetla wa le ho kgothaletsa tshebetso e bolokehileng ya ralewa;
b kgothaletsa tshebedisano le seabo sa mahlakore a nang le thahasello le a amehang ntlafatsong ya polokeho ya ralewa;
c ananela boikarabelo ba sehlooho le hore basebetsi ba amohele boikarabelo ba ho netefatsa hore ho na le polokeho tshebetsong ya bona ya ralewa;
d ho etsa monyetla bakeng sa moifo wa taolo wa sejwalejwale, o tenyetsehang le o tla netefatsa matlafatso e tswelang pele ya tshebetso e bolokehileng ya ralewa; le e Ho kgothaletsa tshebedisano e ntle dipakeng tsa moifo wa polokeho wa ralewa ya Afrika Borwa ka maikemisetso le ditlhoko tsa tshebetso tsa ralewa ya Ntshetsopele ya Setjhaba sa
Afrika e ka Borwa;
f le ho ntshetsa pele ntlha ya ho finyella sepheo se jwalo ka ho theha mokgatlo wa molao o o tshwanetseng.
Tshebediso ya Molao
a tshebetso ya ralewa e nngwe le e nngwe ka hare, kapa karolwana e itseng ka hare ho Riphaboliki e nang le seporo se methwang hore se lekane kapa e be se fetang 600 mm;kapa b mokgwa ofe kapa ofe o radilweng hore o tsamaise bapalami kapa dithoto kapa tsona di le pedi mme ebile o hlalositswe ke Letona ka tsebiso Koranteng ya Mmuso hore ke ralewa kapa ke tshebetso ya ralewa kapa ke tsona di le pedi ho latelang sepheo sa Molao ona.
a seporong sa terene sa morafong se tsamayang ka tlase ho mobu moo ho sebetsang dipehelano tsa Molao wa Dihlahiswa (Molao wa Nomoro ya 50 wa selemo sa 1991) le Molao wa Polokeho le
Bophelo bo botle ba Morafong (Molao wa Nomoro ya 29 wa selemo sa 1996);
cmokgwa wa tsamaiso ya bapalami wa eriele, wa kheibole; kapa d ralewa efe kapa efe e nngwe eo Letona le e beheletseng ka thoko tsebisong ya Koranta ya
Mmuso hore e se kgeme le pehelo efe kapa efe ya Molao ona ha feela e tsepamisitswe ke Letona.
KGAOLO YA BORARO
TLHOMAMISO LE TSAMAISO YA RALEWA
YA BOLAODI BA POLOKEHO
Tlhomamiso ya Bolaodi ba Polokeho ya Ralewa
Ho tla ba le motho wa molao ya tla tsejwa ka hore ke Molaodi wa Polokeho ya Ralewa, e tla botjwa ka hore ho be le lekgotla, mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso le moifo wa basebetsi.
Boikemisetso ba Bolaodi
Boikemisetso ba Bolaodi bona ke -
a ho hlokomela polokeho indastring ya dipalangwang tsa ralewa;
b ho kgothaletsa tshebediso ya diterene jwalo ka mokgwa wa ho tsamaisa batho ka tshebetso e ntlafetseng ya indastri ya ralewa ya dipalangwang;
c ho ntshetsa pele melawana efe kapa efe e hlokehang ho latela Bili ena;
d ho hlokomela le ho netefatsa hore ho be le tsamaisano le Bili ena; le e ho etsa hore Molao ona o sebetse.
Puso ya Kopanelo
Ho etsa hore metheo ya kopanelo ya mmuso le dikamano tsa mafapha a ka hare ho mmuso tse lohothwang Kgaolong ya Boraro ya Molao wa Motheo, a hlalositsweng karolong ya 239 ya Molao wa Motheo, ka ho qoholleha Lefapha la Naha la Mosebetsi, le Lefapha la Naha la Polokeho le Tshireletso eleng lona le jereng boikarabelo ba mesebetsi e amanang le karolo efe kapa efe ya polokeho ya ralewa ho latela matla a Molao ona kapa molao o mong, mme makala ana kaofela a lokela ho sebedisana ka sepheo sa a ho netefatsa hore ho na le taolo e sebetsang hantle ya tshebetso e bolokehileng ya ralewa;
b ho netefatsa hore ho na le tlhokomelo e sebetsang hantle ya tshebetso e bolokehileng ya ralewa c ho hokanya phethiso ya mesebetsi e jwalo;
d ho fokotsa phetapheto ya mesebetsi e jwwalo le mehato e lokelang ho latelwa mabapi le phethiso ya mesebetsi e jwalo; le e ho kgothaletsa hore ho be le tshwano ha ho phethiswa mesebetsi e jwalo.
Bolaodi bo lokela ho tlabola selekane sa tumellano le lekala le leng le le leng le tshwanetseng la mmuso ho etsa hore tshebedisano e neng e lohothwa temanyaneng ya 1 e kgone ho sebetsa.
Letona ka morao hoba le tshware ditherisano le lekgotla ekasitana le matona a ikarabellang makaleng a loketseng a mmuso, le ka nna la etsa melawana e mabapi le ?
a dinako le mehato, ho kenyeleditswe le mehato e lokelang ho latelwa bakeng sa seabo sa setjhaba le mekgwa e tla sebediswa ha ho rarollwa diqabang, mabapi le taba ya ho tlabola dilekane tsa tumellano ya tshebedisano eo ho neng ho buuwa ka yona temanyaneng ya 2;
bdintlha tse lokelang ho etsetswa monyetla ditumellanong tsa tshebedisano, ho kenyeleditswe dipehelano sebakeng sa ?
i dinako tsa phethiso ya ditumellano tsa tshebedisano iikgokanyo ya mesebetsi eo ho buuwang ka yona seratswaneng sa 1 ka mokgwa o qobang phetapheto e sa hlokahaleng kapa bolebadi mabapi le ditlhoko tsa polokeho le ha ho fanwa ka ditaelo tse sa dumellaneng;
iii mehato e lokelang ho nkuwa nakong eo ba bang ba sa ikamahanyeng le ditumellano tsa tshebedisano;
iv le tharollo ya diqabang mabapi le tlhaloso kapa tshebediso ya ditumellano tsa tsebedisano tseo ho buuwang ka tsona temanyaneg ya 2.
Letona le lokela ho phatlalatsa ka ho etsa tsebiso Koranteng ya Mmuso ditumellano kaofela tsa tshebedisano tsa selekane se entsweng ho latela temanyaneng ya 2.
Mesebetsi ya Bolaodi
Bolaodi ho latela Bili le molemong wa hore bo kgone ho fihlella sepheo sa maikemisetso a bona-
a bo ka nehelana, ba fetola, ba kgoatsa kapa ba fedisa ditumello tsa polokeho;
b bo ka hira, ba reka kapa ba fumana theepa e kgonang ho ka suthiswa kapa e sa kgoneng ho suthiswa ya mofuta ofe kapa ofe le ditokelo tsa thuo, le khiro kapa bo rekise theepa e ileng ya fumanwa ntle le ho batla kananelo pele ya Letona, eo Letona la Ditjhelete le ileng la fana ka yona ha ho ne ho etswa tumellano;
c bo ka sebedisana le mokgatlo ofe kapa ofe kapa ba theha le ho laola menyetla bakeng sa hore ho bokellwe le ho nehelana ka lesedi la saense le la botekniki, mabapi le taba efe kapa efe e amanang le polokeho ya ralewa e welang tlasa boikemisetso ba Bolaodi;
d bo tla kgema le mokgatlo ofe kapa ofe wa thuto, wa saense kapa o mong le o mong, mmuso kapa mokgatlo mabapi le pehelo ya taelo bakeng sa, kapa thupelo ya, batho ba hlokwang ke Bolaodi;
e bo ka etsa monyetla ho ya ka maemo ao Bolaodi bo dumelang hore a loketse, thuso ya tjhelete kapa thuso ya mofuta o mong mabapi le thupelo ya batho ho latela maikutlo a lekgotla, ke ntlha ya bohlokwa ho netefatsa hore palo e lekaneng ya batho ba rupeletsweng e a fumaneha ho etsa hore Bolaodi bo kgone ho phethisa mosebetsi wa bona;
f bo lokela ho nka inshorense ya bona bakeng sa tahlehelo efe kapa efe, tshenyo, bothata kapa ho lokela ho jara molato ofe kapa ofe oo bo ka tshwanelang ho bo jara kapa ba kena ho bona;
g bo lokela ho eletsa Letona ka ditaba tse amanang le boemo bofe kapa bofe kapa ketso e ka--
i bang le bokgoni ba ho baka tshoso ya sebele kapa e nang le monyetla wa ho ntsha batho kotsi kapa monyetla wa ho baka tshenyo theepeng;
ii Letona le e fetisetsa ho Bolaodi;
iii Bolaodi bo nke e le ya bohlokwa ntshetsopeleng ya maikemisetso a bona;
h bolaodi molemong wa Molao ona, bo tla sebetsa jwalo ka bolaodi bo nang le bokgoni ba naha mabapi le ho thota diphahlo tse kotsi ka seporo;
i bo tla tlabola dilekane, bo etse ditumellano kapa bo etse mosebetsi ofe kapa ofe, ho tsotelehe hore ke Riphaboliki mona kapa sebakeng se seng, moo boikemisetso ba bona bo ntshetswang pele kapa moo bo balwang ka mokgwa o otlolohileng kapa o sa otlolohang, ho matlafatsa boleng ba ditshebeletso tseo Bolaodi bo fanang ka tsona hore bo kgone ho fihlella boikemisetso ba bona kapa tse ka laeletswang;
j bo ne bo ananela mokgatlo o emetseng basebetsi hore o sebetse lebitsong la basebetsi ba jwalo mabapi le ntshetso pele ya maemo kapa melawana;
k bo ka amohela maemo le melawana a tswang ho mosebetsi kapa mokgatlong wa indastri ena ho latela taba ya ho kgema le mehato e laeleditsweng ke Letona tlasa temana ya 29;
l bo ka hloka hore mosebetsi kapa mokgatlo wa indastri o rerisane le mokgatlo o hlophisitsweng hantle wa basebetsi nakong ya ntshetsopele ya maemo le melawana le ho ba fa monyetla wa ho hlahisa maikutlo hodima maemo ao kapa melawana eo pele e ka fetisetswa ho Bolaodi bakeng sa kananelo;
m bo ka sebedisa motho ofe kapa ofe ya nang le tsebo ditabeng tse amanang le tshebetso e bolokehileng ya ralewa ho fana ka keletso ho Bolaodi mabapi le ntshetsopele kapa mabapi le qabang ka melawana kapa maemo;
n bo ka fana ka thuto le mosebetsi ofe kapa ofe wa ho tlisa temoso bathong mabapi le tshebetso ya ralewa e bolokehileng ho latela sepheo sa Molao ona;
o bo ka etsa diphuputso diketsahalong tsa ralewa ho latela Kgaolo ya 7.
p bo ka bokella le ho qhalanya lesedi le mabapi le tshebetso e bolokehileng ya ralewa; le q ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe o amanang le tshebetso e bolokehileng ya ralewa.
Mesebetsi ya Bolaodi e lokela ho etswwa ke Mohlanka ya ka sehloohong wa Phethahatso, ka taelo ya lekgotla, ntle le moo ho qaqisitsweng ka mokgwa o mong ke Molao.
Lekgotla la Bolaodi
Bolaodi bo buswa le ho laolwa ke lekgotla le balaodi.
Lekgotla le lokela ho-
a ho tiisa hore Bolaodi bo tsitlallela ho finyella boikemisetso boo ho buuwang ka bona karolong ya 5; le b ho ba le taolo e akaretsang phethahatsong ya mesebetsi ya Bolaodi.
Lekgotla le emetse Bolaodi mme mesebetsi yohle e phethiswang ke lekgotla, kapa e matleng a lona, ke mesebetsi ya Bolaodi.
Lekgotla la Balaodi le tla kgethwa ke Letona.
a Lekgotla le tla ikarabella ho Letona le tla botjwa ka bonyane ditho tse supileng mme bongata ba tsona bo keke ba feta leshome le metso e meraro tse bontshitseng boitsebelo bo batsi le ho bontsha bokgoni ba mahlahahlaha o nngwe ya tse latelang:
i tsamaisong ya ralewa ii polokeng ya dipalangwang iii Tsamaisong ya kgwebo iv kgwebong, ditjheleteng, dintlheng tsa molao le ditabeng tsa moruo v tsamaiso ya diphahlo tse kotsi vi tsebo e ikgethang e ka bang le boleng Bolaoding bakeng sa phethiso ya mesebetsi ya bona b Lekgotla le lokela ho ba le Mohlanka ya ka sehloohong wa Phethahatso le batho ba bang ba nang le mangolo a loketseng ba emetseng baamehi ba latelang:
i basebetsi ba hlophisitsweng;
iii batho ba anngweng ke tshebetso ya ralewa;
v Lefapha la Mesebetsi; le vi Lefapha la Polokeho le Tshireletso
Letona le lokela ho kgetha modulasetulo le motlatsi wa modulasetulo dinthong tsa lekgotla, ho sa kenyeletswe mohlanka ya ka Sehloohong wa Phethahatso
Molemong wa ho kgethwa ha ditho tsa lekgotla a Letona le lokela hore ka dikoranta le radio le theleveshene le ka tsebiso Koranteng ya Mmuso, le meme dikgetho tsa batho bao e tla ba bonkgetheng bakeng sa ditulo tsena tse tshwanetseng tsa lekgotla;
b bosiyong ba nakwana ba mookamedi, letona le ka nna la kgetha motho e mong ya nang le mangolo a tshwanetseng ntle le mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso, hore a tshware mosebetsi oo mokobobo.
Motho ha a na ho ka kgethwa kapa hona ho dula e le setho sa lekgotla ha ?
a e se moahi wa Afrika Borwa;
b ha a phatlaladitswe e le mofutsana;
c a ile a ahlolwa hobane a tlotse molao mme a ahlolelwa ho hlahlelwa tjhankaneng ntle le ho fuwa monyetla wa kotlo ya tefo; kapa d a fetoha le setho i sa Palamente, setho sa lekgotla le etsang melao la provense, setho sa lekgotla la Mmasepala, setho sa ii ii setho sa Lekgotla la Phethahatso la provense.
v Lekgotla la Phethahatso la provense.
Setho sa lekgotla ho ka etsahala a seke sa ba teng, kapa hore se hloke hoba le seabo dipuisanong kapa ha ho etswa qeto tabeng efe kapa efe e tekilweng ka pele ho lekgotla moo molaodi eo kapa mohatsae, molekane wa hae wa bophelo kaofela, ngwana, mosebetsi mmoho le yena kgwebong kapa ya sebedisang le yena kapa ramosebetsi, ntle le Mmuso, ha a na le thahasello ka tsela e otlolohileng kapa e sa otlolohang ho sena.
Ka morao hoba motho enwa a kgethwe ho ba molaodi wa lekgotla o tla lokela hore a etse tlhaloso e ngotsweng e lebang ho Letona le lekgotla moo a hlalosang hore naa o na le thahasello ena eo lohothwang karolong ya 9
aHa mookamedi ofe kapa ofe ho etsahala hore a be le thahasello kapa a lohotha ho ba le thahasello, eleng thahasello e neng e lohothwa karolwaneng ya 9, o tla tshwanela hore ka potlako a ngole mme a phatlalatse ntlha eo ho Letona le lekgotla.
b Ha mokgatlo kapa kgwebo eo mookamedi a nang le thahasello e lohothwang karolong ya 9 o kopuwa hore a nehelane ka ditshebeletso, mookamedi o lokela hore ka potlako a ngole a phatlalatse tabatabelo ena ya hae ho Letona le lekgotla.
a Modulasetulo wa lekgotla o dula setulo sena nakong e hlalositsweng lengolong la hae ha a fuwa mosebetsi empa eseng nako e fetang dilemo tse tharo.
b Modulasetulo a ka boela a kgethwa hape ha nako ya hae ya ofisi e fedile
(a) Setho sa lekgotla se tla tshwara ofisi nakong e qaqisitsweng lengolong la hae ha a fuwa mosebetsi, eleng nako e kekeng ya feta dilemo tse tharo.
a Ha mookamedi a timela kapa a tswwa ofising, Letona le ka nna la kgetha motho e mong hore e be mookamedi, ho l atela karolwana ya 7.
b Motho ya kgethilweng jwalo o tla sebetsa karolo e ntseng e setse ya eo ya tlileng pele ho yena ya ofisi.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ya Bolaodi
Letona le tlameha hore ka morao le ditherisano le lekgotla, le kgethe motho ya nang le mangolo a loketseng hore e be mohlanka ya ka sehloohong wa Bolaodi.
Motho o tla hloleha ho ka kgethwa kapa ho dula e le mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ha e ba a fumaneha a sa lokela ho ka kgethwa ho latela karolo ya 8 8.
a Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso o tla tshwara ofisi nakong e qaqisitsweng lengolong la mosebetsi mme nako eo e keke ya feta dilemo tse hlano.
b Mohlanka ya jwalo ya ka sehloohong wa phethahatso a ka boela a kgethwa hape ha nako ya hae e fela ya ofisi.
c Dipehelo le mabaka a tshebetso tsa mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso di tsepamiswa ke lekgotla le ho ananelwa ke Letona ka ditherisano le Letona la Ditjhelete.
Letona nakong efe kapa efe le ka ntsha mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso mosebetsing ?
a ha mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso a ile a hloleha ka makgetlo ho phethisa mosebetsi wa ofisi hantle;
b ha ka lebaka la kgolofalo ya mmele kapa bohloko ba kelello, mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso a se a hloka bokgoni ba ho phethisa mesebetsi ya ofisi kapa a sa sebetse ka tsela e nepahetseng; kapa c ka lebaka la boitshwaro bo sa amoheleheng.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso o lokela ?
a ho etsa bonnete ba hore mesebetsi ya Bolaodi ho latela Molao ona e phethilwe;
b ho fana ka pehelo lekgotleng ka tshebetso e nepahetseng ya Bolaodi;
c ho fana ka ditumello tsa polokeho ho latela Molao ona d ho phethela tlaleho e mabapi le mesebetsi ya Bolaodi bakeng sa selemo se seng le se seng sa ditjhelete ho latela Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba Molao wa Nomoro ya 1 wa selemo sa 1999 le ho nehelana ka tlaleho ena lekgotleng bakeng sa kananelo;
e selemo se seng le se seng sa ditjhelete, o lokela hore ka morao ho ditherisano le lekgotla le ka kananelo ya Letona, a phatlalatse le ho qhalanya moralo wa mesebetsi ya Bolaodi.
Lekgotla le lokela ho fetisa tlaleho e boletsweng temanyaneng ya 5 d, jwalo ka ha le e ananetse, ho Letona nakong ya dikgwedi tse tharo tsa mafelo a selemo sa ditjhelete se amehang.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ke yena mohlanka ya jarang boikarabelo ba lekgotla ka boikarabelo ba ho arabella ditaba tsa ditjhelete tse amohetsweng le ditefo tse entsweng, ha mmoho le matlotlo ao Bolaodi bo nang le ona.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso o lokela ho sebedisa matla ohle ao a nang le ona mme a phethise mesebetsi yohle e behilweng boikarabelong ba mohlanka ya ikarabellang ka-
a Molao ona, b Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba Molao wa Nomoro ya 1 wa selemo sa 1999, kapa c Lekgotla.
Ha mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso tlasa lebaka lefe kapa lefe a hlolehile ho phethisa e meng ya mesebetsi ya hae, modulasetulo wa lekgotla o tla lokela hore a kgethe mosebeletsi wa Bolaodi hore a tshware mosebetsi ona mokobobo wa ho ba mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ho fihlela mohlanka ya ka sehloohong wwa phethahatso a kgona ho ka boela a tswela pele ka mesebetsi eo.
Mohlanka ya tshwereng mokobobo mosebetsi wa mohlanka wa phethahatso ya ka sehloohong o na le matla ohle mme o loketse ho phethisa mesebetsi ya mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso.
Moifo wa tshebetso wa bolaodi
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ho latela ditaelo tse ngotsweng tsa lekgotla, a ka kgetha moifo o jwalo wa tshebetso bakeng sa Bolaodi jwalo ka ha ho hlokeha hore o etse mosebetsi o ipetsang kapa o mabapi le mesebetsi ya Bolaodi .
Dipallo le maemo a mosebetsi wa mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso le basebetsi ba bang ba Bolaodi, ho kenyeleditswe meputso ya bona, menyetla ya tefo, ditshehetso le menyetla e meng ya tshebetso, ke dintho tse tsepamiswang ke lekgotla mme moputso le menyetla ya tefo, ditshehetso le menyetla e meng ya tshebetso di lokela ho tsepamiswa ho latela mokgwa o amohetsweng ke Letona ka tumellano le Letona la Ditjhelete.
aLekgotla ka kananelo ya Letona eo ho fanweng ka yona ka tumellano le Letona la Ditjhelete, le ka fumana, la laola le ho tsamaisa penshene efe kapa efe kapa letlole la providente kapa morero wa thuso ya tsa bongaka molemong wa moifo wa basebetsi ba Bolaodi;
b ho tlisetsa basebetsi molemo kapa le ba morero jwalo kapa letlolo le laolwang kapa le tsamaiswang ke mokgatlo ofe kapa ofe kapa motho e mong le e mong.
Thomo le kabelo ya mosebetsi ke lekgotla
1Ho latela karolwana ya 2, 3 le ya 5, lekgotla ka qeto e entsweng, le ka nehelana ka matla, le ho aba mosebetsi ofe kapa ofe, o leng matleng a lona kapa oo le o fuweng ho latela Molao ona ho?
a modulasetulo wa teng b mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso c komiti ya lekgotla d setho sa moifo wa Bolaodi e motho ya kgethilweng jwalo ka mohlahlobi wa ralewa wa polokeho tlasa karolo ya 33;
f mofuputsi ya kgethilweng ho latela karolo ya 392
g motho ofe kapa ofe ya kgethilweng.
lekgotla ha le a nkelwa matla a ho ka nehelana ka mosebetsi kapa hona ho se fuwe matla ao le nehelanang ka ona.
a ke ntho e ka etswang ho latela dipallo tse behilweng ke lekgotla;
b ke ntho e lokelang hore e bolellwe motho ya fuweng mosebetsi o jwalo ka lengolo.
Puisano ena ya lengolo ho latela karolwana ya 3 e lokela ho kenyeletsa dintlha tse feletseng tsa dintlha tsa ditaba tsa mosebetsi o ajwang kapa oo ho fanwang ka ona mme o lokela ho qaqisa dipehelano, ha e ba di le teng, tseo ho buuwang ka tsona karololwaneng ya 3a.
Lekgotla ka ho etsa qeto, le ka nna la-
a fetola, fedisa borumuwa kapa tshebetso e entsweng ho latela karolwaneng ya 1;
b hula qeto efe kapa efe, ntle le qeto e fanang ka tokelo kapa matla hodima lehlakore lefe kapa lefe la boraro, e entsweng ke motho ya abetsweng kapa ya fuweng mosebetsi mabapi le ntlha e abuwang kapa eo ho fanwang ka yona, mme la iketsetsa qeto tabeng ena ka bolona.
Mokgwa wa hore ditho tsa lekgotla di tswe mosebetsing wa ofisi
Letona le ka tsebiso ya Koranta ya Mmuso, le ka nna la ntsha setho sa lekgotla ofising-
a ha setho se dula se hloleha ho etsa mesebetsi ya sona ka tsela e nepahetseng;
b haeba, ka lebaka la kgaelo kapa ho kula kelellong kapa kgolofalo, setho se hloka bokgoni ba ho etsa mesebetsi ya sona kapa se sebetsa ka mokgwa o sa nepahalang; kapa c ka lebaka la boitshwaro bo sa amoheleheng.
Molaodi o tswa ofising ha-
a ha a kgaolwa ho latela karolwana ya 8 8;
b ha a ntshwa mosebetsing ho latela temanyaneng ya 1
c ha a ka ba siyo dipitsong tse tharo tse hlahlamanang tsa lekgotla ntle le tumello ya modulasetulo, ntle le ha lekgotla le amohetse bosiyo ka lebaka la mabaka a matle ao ho fanweng ka ona; kapa d ha boitokollo ba motho eo eleng molaodi bo kena tshebetsong.
Dikopano tsa lekgotla
1Kopano ya pele ya lekgotla e tla tshwarwa ka nako le sebakeng se tla behwa ke Letona, mme ka morao ho moo dikopano di tla tshwarwa ka dinako le dibakeng tseo lekgotla le tla di beha.
Bosiyong ba modulasetulo, motlatsi wa modulasetulo, nakong efe kapa efe a ka bitsa kopano e ikgethang ya lekgotla e tla tshwara ka nako le sebakeng se tla behwa ke modulasetulo kapa motlatsi wa modulasetulo.
Balaodi kaofela ba lokela ho tsebiswa ka dikopano kaofela tsa lekgotla ka mokgwa wa ho ngola.
Palo e ngata ya balaodi e bopa palo e lekaneng le e behilweng bakeng sa ho ka tshwara kopano efe kapa efe ya lekgotla.
Ho latela karolwana ya 4, qeto ya palo e ngata ya balaodi ba teng kopanong ya lekgotla e bopa qeto ya lekgotla mme, moo ho nang le palo e ngata ya divoutu tabeng efe kapa efe e lokelang ho etsetswa qeto, modulasetulo ya tsamaisang kopano eo o na le voutu e dihang nyewe ha mmoho le voutu ya hae ya dipuisano.
Qeto e nkilweng ke lekgotla kapa ketso e phethilweng tlasa matla a lona, e keke ya hlokiswa matla feela ke lebaka la hore-
a ho na le sekgeo lekgotleng; kapa b ntlha ya hore motho ofe kapa ofe ya se nang matla a ho etsa jwalo, o ile a dula kopanong jwalo ka molaodi nakong eo qeto ena e neng e etsuwa, ntle le ha e ba qeto eo e nkilweng kapa ketso eo e ile ya matlafatswa ke palo ya bongata ba hlokehang ba balaodi ba neng ba le teng kopanong ba neng ba na le tokelo ya ho ba moo jwalo ka balaodi.
Ha modulasetulo ka lebaka lefe kapa lefe a sitwa ho ka etsa mosebetsi wa hoba modulasetulo, kapa ofisi ya modulasetulo e na le sekgeo, motlatsi wa modulasetulo o tlameha ho sebetsa jwalo ka modulasetulo.
Ha e ba modulasetulo ha mmoho le motlatsi wa modulasetulo ka mabaka a itseng ba hloleha ho ba teng ho ka etsa mosebetsi wa bodulasetulo, kapa diofisi tsena bobedi eleng ya modulasetulo le ya motlatsi wa modulasetulo di na le dikgeo, lekgotla le tla lokela ho tshwaya molaodi e mong le e mong hore a sebetse jwalo ka modulasetulo.
Letona le tla ba le tokelo ya ho ba teng kopanong efe kapa efe ya lekgotla, ha feela letona le tla ba teng jwalo ka motho ya boemong ba molemohi wa ditaba feela.
Metsotso ya dikopano tsa lekgotla
Lekgotla le lokela hore le etse hore metsotso ya dikopano tsa lona e bolokwe mme dikhopi tsa metsotso di fumanwe ke ditho tsa lekgotla ha mmoho le letona nakong ya kgwedi hoba metsotso e ananelwe.
Metsotso e jwalo,a ha e saennwe kopano e latelang ke motho eo eleng modulasetulo kopanong eo, bosiyong ba bopaki bo ka netefatsang phoso e teng, e tla nkuwa e le rekoto e ya nnete le e nepahetseng ya ka moo ditaba di tsamaileng ka teng le bopaki bo bonwang ba ditaba bo ka behwang ka pele ho lekgotla la molao, lekgotleng lefe kapa lefe kapa khomesheneng ya diphuputso.
Komiti tsa lekgotla
Lekgotla le na le hona ho ka ?
a hlomamisa dikomiti ho ya ka moo le ka bonang ho hlokeha ka teng hore di thuse phethisong ya mesebetsi ya lekgotla; mme a le ka kgetha batho ba kang bana, e bile ho kenyeleditswe le balaodi ba lekgotla, ditho tsa moifo wa Bolaodi, mokgatlo wa indastri ena kapa setho sefe kapa sefe sa mokgatlo, mokgatlo wa basebetsi, batho ba nang le ditumello tsa polokeho le basebetsi ba tshwareng ditumello tseo tse jwalo, ho latela ka moo lekgotla le bonang ho tshwanetse ka teng.
Ho putswa ha balaodi le ditho tsa komiti
Mookamedi kapa setho sa komiti sa lekgotla, ntle le mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso kapa motho ya mosebetsing o phethahetseng wa Bolaodi kapa lekala le leng la mmuso, o kgethwa ho latela maemo, ho kenyeleditswe maemo a amanang le tefo ya moputso le menyetla ya moputso, ho latela ka moo Letona le tla tsepamisa dintho ka teng ka tumellano le Letona la Ditjhelete.
Ditjhelete tsa Bolaodi
Ditjhelete tsa Bolaodi di bopilwe ka ?
a tjhelete e abilweng ke Palamente;
b ditjhelete tse lefuweng ho Bolaodi ho latela temana ya 23;
c dimpho kapa dinyehelo tse amohetsweng ke Bolaodi e le ha di tswa mohloding ofe kapa ofe, ka kananelo ya Letona.
Bolaodi bo lokela ho sebedisa ditjhelete tsa bona ho lefella ditshenyehelo tsa bona nakong eo boneng bo etsa mesebetsi ya bona.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso o lokela ho ?
a bula akhaonte lebitsong la Bolaodi mokgatlong o ngodisitsweng jwalo ka banka ho latela Molao wa Dibanka wa selemo sa 1990 Molao wa Nomoro ya 94 wa selemo sa 1990; mme b bo thesemetse tjhelete yohle e amohetsweng ho latela karolwana ya 1.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso, lebitsong la Bolaodi, a ka thesemetsa tjhelete yohle eamohetsweng ho latela karolwana ya e sa hlokeheng bakeng sa ho ka sebediswa hang hang-
a ka kananelo ya Letona, le Dikhomeshenara tsa Matsete a Setjhaba tseo ho buuwang ka tsona karolong ya 2 ya Molao wa Dikhomeshenara tsa Matsete a Setjhaba wa selemo sa 1984 Molao wa Nomoro ya 45 wa selemo sa 1984;
b kapa le mokgatlo o mong ho latela ka moo lekgotla le Letona, ka tumellano le Letona la Ditjhelete, ba ka behang ditaba ka teng.
Bolaodi bo ka sebedisa tjhelete ya tswala e tswang polokelong e lohothwang karolwaneng ya 4 ho lefa ditshenyehelo tse mabapi le phethiso ya mesebetsi ya bona ho latela Molao ona.
Bolaodi ka tumello ya Letona, eo ho fanweng ka yona ka tumellano le Letona la Ditjhelete, bo ka-
a fana ka mtla a hore ho thehwe matlole a jwalo a polokelo; mme b ho bolokwe ditjhelete tse jwalo moo,
Bolaodi selemong se seng le se seng sa ditjhelete, nakong e tla behwa ke Letona, bo lokela ho nehelana ka tlhaloso ya tjhelete e akanyeditsweng hore e tla kena le ya ditshenyehelo bakeng sa selemo se latelang sa ditjhelete ho Letona bakeng sa kananelo ya lona, eo ho nehelanwang ka yona ka tumellano le Letona la Ditjhelete.
Selemo sa ditjhelete sa Bolaodi se simolla mohla la 1 selemong se seng le se seng ho fihlela mohla la 31kgweding ya Tlhakubele selemong se latelang, mme selemo sa pele sa ditjhelete se simolla letsatsing le boletsweng ho fihlela mohla la 31 Tlhakubele selemong se latelang.
Moo Letona le Lekgotla ba sa dumellaneng teng
Ha Letona le hana kgothaletso ya lekgotla e lohothwang temaneng ya 54 , Letona le lekgotla ba lokela ho ikitlaheletsa ho rarolla ho se dumellane hona ho teng ho bona.
Ha letona le lekgotla ba hloleha ho rarolla qaka ena ya ho se kgone ho fihlela tumellano, Letona le etsa qeto ya qetelo.
Pehelo ho Letona le Palamente
Bolaodi bo lokela ho hlahisa le ho nehelana ka pehelo ya setjhaba ya selemo ho Letona mabapi le polokeho ya basebetsi, setjhaba le tikoloho e amanang le tshebetso ya ralewa kaofela eo Bolaodi bo lebeletsweng hore bo e laole tlasa Molao ona ho kenyeleditswe le dintlha tse ding tse ka laeletswang.
Letona le lokela ho teka ka pele ho Palamente pehelo ya setjhaba ya selemo eo a e amohetseng ho latela karolwaneng ya 1 nakong ya matsatsi a 14 ?
a hoba e amohelwe ke Palamente ha e ba Palamente e tshwere kopano;
b ka morao ho qaleho ya Palamente, ha Palamente e sa tshwara kopano.
Taolo ya molao le ho futsanehiswa ha Bolaodi
Ntle le dipallo tsa molawana ofe kapa ofe, Bolaodi bo keke ba behwa tlasa taolo ya molao kapa ba futsanehiswa ntle le ha sena se tjhaeletswe monwana ke Molao wa Palamente o amohetsweng ka ho qoholleha bakeng sa sepheo seo.
KGAOLO YA BONE
DITUMELLO TSA POLOKEHO
Merero ya Ralewa e hlokang tumello ya polokeho
Ho latela dipallo tsa temanyana ya , ha ho motho ya tla etsa mosebetsi ofe kapa ofe wa tshebetso ya ralewa kapa karolo ya tshebetso ya ralewa.
Ho sa behellwe ka thoko dipallo tsa temanyana ya 1, ke batho ba latelang feela ba ka etsang tshebetso ya ralewa kapa karolo ya tshebetso ya ralewa tlasa taolo ya tumello ya polokeho-
aopereitara ya taolo ya marangrang;
b opereitara ya terene;
c opereitara ya seteishene; le d motho ofe kapa ofe ya tshwailweng a hloka tumello ya polokeho ke Letona ka tsebiso ya Koranta ya Mmuso.
Kopo ya tumello ya polekeho
Kopo ya tumello ya polkeho e lokela ho etswwa ho mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso.
Bolaodi bo ka nna ba kopa hore o lefe tjheletana e itseng bakeng sa ho sebetsana le kopo ya tumello ya polokeho.
Kopo ya tumello ya polokeho e lokela ho tsamaya mmoho le tlaleho ya mokgwa wa taolo ya polokeho mme e lokela ho-
a e etswa ka mokgwa o behilweng ke Bolaodi;
b kenyeletsa lesedi le leng ho latela ka moo Bolaodi bo tsepamisitseng dintho ka teng; mme c e tsamaiswe ha mmoho le tjheletana ya ho sebetsana le kopo ena le pehelo ya mokgwa wa taolo ya polokeho
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso-
a a ka hloka hore moikopedi, ka ditshenyehelo tsa moikoipedi, hore nakong e itseng a be a ile a nehelana ka--
i lesedi le leng, ha mmoho le lesedi le kentsweng kopong; le ii tekolo e hlokang kgahlamelo ya lesedi leo ho fanweng ka lona ke motho ya amohelehang lekgotleng;
b a ka laela hore ho tshwarwe diphuputso ka monyetla wa tshusumetso ya tumello ya polokeho e lohothwang mabapi le tshebetso e bolokehileng ya ralewa;
c a ka mema maikutlo a ngotsweng a tswang lekaleng lefe kapa lefe la mmuso le nang le thahasello tabeng ena; mme d o lokela ho fa moikopedi monyetla wa boemedi tabeng efe kapa efe ya kopo ya tumello ya polokeho.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso nakong efe kapa efe ya mokgwa ona wa kopo, a ka hloka hore moikopedi-
a a fane ka tsebiso e tshwanetseng dikoranteng le mefuteng e meng ya diphatlalatso-
i moo a hlalosang tumello ya polokeho eo a e kopang;
ii moo a bolelang hore boipilaetso bo ngotsweng bo itshetlehileng tshebetsong e bolokehileng ya ralewa bo ka hlahiswa kgahlanong le kopo ena pele ho letsatsi le boletsweng, e sa lokelang hore e be ka tlase ho matsatsi a 60 ka morao ho phatlalatso ya qetelo ya tsebiso;
iii moo a fanang ka aterese moo boipilaetso bo ngotsweng bo ka lebiswang teng; le iv moo ho kentsweng dintlha tse ding ho latela ka moo lekgotla le ka hlokang ka teng;
b hore a nke mehato eo mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso a ka fanang ka yona ho etsa hore kopo e finyelle maikutlo a makala a loketseng a mmuso, batho ba nang le thahasello le setjhaba ka kakaretso; le c ho kgotsofatsa mohlanka ya ka sehloohong hore tokelo tsa motho ofe kapa ofe e mong ya nang le thahasello di keke tsa ba ka mosing.
Dipehelano tsa tumello ya polokeho
Lekgotla le ka theha maemo tsitsitseng a tla sebetsa mokgahlelong o le mong kapa mekgahlelong e meng ya tumello ya polokeho.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ho latela temanyana ya 3, a ka maneha pallo efe kapa efe tumellong ya polokeho, ho kenyeleditswe ?
a nako ya tshebetso ya tumello ya polokeho;
b sebopeho, mokgwa, nako le nehelano ya tekolo efe taba efe ya tlaleho ya mokgwa wa taolo ya polokeho;
c maemo a sebaka;
d ho thotwa ha ntho efe kapa efe ntle le theepa e kotsi kapa e ka tlisang kotsi;
e ho thotwa ha theepa e kotsi;
f ho thota bapalami;
g ho thota theepa ka kakaretso;
h ho potlaka;
i tsamayo;
j tumello ya ditlhahlobo tse tlwaelehileng tsa polokeho;
k tsebiso e fuwe mohlanka ya ka sehloohong wwwa phethahatso, e ngotswe, le phetoho efe kapa efe ya taolo ya motshwari; le l eng kapa eng ya thekniki kapa eng kapa eng eo eleng ya bohlokwa ho tiisa hore ho na le polokeho kapa tshireletso ya batho ba holofetseng, batho ba bang, theepa le ya tikoloho kapa ho etswe monyetla wa ho hlabolla sebaka sefe kapa sefe.
Mohlanka ya ka sehloohong a ka fetola pallo efe kapa efe e teng tumellong ya polokeho.
Mabaka a qeto
Ka morao hoba mohlanka ya ka sehloohong a fihlele qeto hodima kopo ya tumello ya polokeho, o lokela hore ka potlako-
a a tsebise moikopedi le motho ofe kapa ofe ya ileng a ba le kganyetso kopong eo;
c ka kopo ya motho ofe kapa ofe ya lohothwang serapeng sa a, a nehelane ka mabaka a ngotsweng a qeto ya hae.
Ho kgaolwa, ho hulwa kapa ho lesa tumello ya polokeho
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso, ka kananelo ya lekgotla, a ka hula kapa a kgaola tumello ya polokeho ha motshwari a hloleha-
a ho ikamanya le pallo efe kapa efe ya tumello; kapa b ho ikamanya le Molao ona.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso o lokela, hore ha kopuwa ke motho ofe kapa ofe ya amehang ka lebaka la qeto e entsweng ho latela temanyaneng ya 1, a nehelane ka mabaka a ngotsweng a ho hula kapa ho kgaola tumello ya polokeho.
Motshwari wa tumello ya polokeho a ka lesa tumello ya polokeho.
Thibelo ya ho fetisa tumello ya polokeho ho leba ho motho e mong
Tumello ya polokeho e ntshitsweng tlasa Molao ena ha e kgone hore e fetisetswe mothong e mong.
KGAOLO YA BOHLANO
TAOLO YA POLOKEHO
Karolo ya 1:
Mekgwa ya Taolo ya Polokeho le Maemo
Mabapi le pehelo ya mekgwa ya taolo ya polokeho le mokgwa wa pehelo ya taolo ya tshireletso
Letona le ka etsa melawana mabapi le-
a sebopeho le dikahare tsa mokgwa wa taolo ya polokeho;
b sebopeho, dikahare le mokgwa wa taolo ya polokeho wa ho nehelana ka pehelo.
c Maemo ao lekgotla le ka hlokang hore motho ya tshwereng tumello ya polokeho a lekole kapa a fetole mokgwa wa taolo ya polokeho kapa mokgwa wa taolo ya polokeho wa ho nehelana ka pehelo.
Maemo
Letona le lokela ho etsa melawana mabapi le tsela e lokelang ho latelwa ke Lekgotla le motho ofe kapa ofe ntshetsopeleng ya melawana le maemo a tshebetso ya polokeho ya ralewa.
Maemo a amohetsweng ke lekgotla ka ho ikammanya le mehato e laeleditsweng e se e tlama batho bohle ba fuweng matla ke Molao ona ho tsamaisa tshebetso ya ralewa.
Lekgotla ho latela metheo le boikemisetso ba Molao ona, le ka nehelana ka boitokollo ba hore motho ofe kapa ofe a seke a ikamanya le boemo bofe kapa bofe tlasa Molao ona ho etsa tshebetso ya ralewa.
Ha ho ka ba le bothata o hlahang dipakeng tsa maemo le melawana, melawana e amaheng ke yona e tla nkellwa hloohong.
Karolo ya 2:
Makaretjhe, Theepa ya tshebetso le Diteishene
Melawana ya moralo, kaho, tshebetso le diphetoho
Letona le ka etsa melawana hodima ditaba tse latelang mabapi le tshusumetso ya yona tshebetsong ya ralewa e bolokehileng-
a kaho e ntjha kapa e lohothwang e ka tlisang tshusumetso tshebetsong e bolokehileng ya ralewa le e hlokang kananelo ya Bolaodi le mehato e lokelang ho latelwa bakeng sa kananelo e jwalo ho kenyeleditswe le ho nkela hloohong boipilaetso bo teng;
b ntlha efe kapa efe e amanang le moralo, kaho, tlhahiso, tokiso, ho fana ka tshebetso e itseng, tlhokomelo le tshebetso ya makaretjhe, meralo ya mosebetsi le diteishene;
c nyeheklo ya batho le mahlale a hlokehang;
d polokeho ya batho, ho kenyeleditswe batho ba nang le dikgaello, ba palameng makaretjhe a emeng kapa a tsamayang, meralo ya tshebetso kapa setieshene;
e Ho thotwa ha theepa e kotsi ka seporo.
f taba efe kapa efe ya polokeho eo Letona le nkang e hlokeha
Karolo ya 3:
Tshebetso eo eseng ya ralewa e amang polokeho
Melawana mabapi le meralo ya tshebetso kapa mesebetsi e amanang le tshebetso e nang le tshusumetso tshebetsong e bolokehileng ya ralewa
Letona le ka etsa melawana mabapi le ?
a ho kampela;
b merafo le ditjhekollo dife kapa dife;
d shebediso ya naha mabapi le ka moo e nang le tshusumetso ka teng tsamaisong ya dikgwerekgwere e amanang le ralewa ka ditherisano le Letona la Ditaba tsa Naha;
e mesebetsi efe kapa efe ya kaho e ka hodimo kapa ka tlase kapa e haufi le ralewa;
f poloko ya theepa e haufi le ralewa;
g ho tloswa ha mobu tseleng ya moo tsela e tshelang seporo teng;
h ditaba tsa tshireletso i maemo ao tlasa ona moqhobi wa terene a dumeletsweng ho kena sebakeng se haufi le ralewa le maemo ao tlasa ona ditlhapiso di ka lefuwang ka ona bakeng sa batho ba ruileng naha eo ya sebaka seo se haufi;
j boholo le ho hlongwa ha makeno diteisheneng ho tloha sebakeng se haufi le steishene;
k ntshetso pele ya sebaka se haufi le seteishene;
l bodulo boo eseng ba molao bo etsang hore tshebetso ya ralewa e hloke polokeho kapa e nang le monyetla wa ho etsa tshebetso ena hore e hloke polokeho, ho latela dipallano tsa molao ofe kapaa ofe o busang bodulo boo eseng ba molao.
m taba efe kapa efe e amanang le tshebetso eo eseng ya ralewa e susumetsang polokeho ya ralewa eo Letona le nkang e hlokahala bakeng sa tshebetso e bolokehileng ya ralewa.
KGAOLO YA BOTSHELELA
BOKENO LE TLHAHLOBO
Kgetho ya mohlahlobi ya polokeho ya ralewa
Letona ka ho ngola le ka kgetha motho ya nang le mangolo a loketseng jwalo ka mohlahlobi wa polokeho ya ralewa ho etsa mesebetsi e lohothwang karolong ya 34-
Mohlahlobi wa polokeho ya ralewa o lokela hore o fuwe setifikeiti sa khiro se saennweng ke Letona kapa mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso lebitsong la Letona, moo ho totobaditsweng hantle mesebetsi ya mohlahlobi.
Matla le mesebetsi ya mohlahlobi wa polokeho
Mohlahlobi wa polokeho ka nako efe kapa efe a ka kena kapa a feta theepa e tlasa taolo ya opareitara e le hore a tle a kgone ho-
a etsa tlhahlobo;
b le tlhakiso ya opareitara ya mokgwa wa tsamaiso ya polokeho mabapi le tshebetso ya ralewa e etseditsweng monyetla ka tumello ya polokeho.
Mohlahlobi wa polokeho nakong efe kapa efe ntle le ho fana ka tsebiso tlasa taolo ya opareitara a ka fuputsa hore naa a Molao ona, kapa pehelo efe kapa efe e behilweng tumellong efe kapa efe ya polokeho, kapa pehelo efe kapa efe e tlwaelehileng e amohetsweng ho latela Molao ona, kapa tsebiso efe kapa efe kapa taelo efe kapa efe e ntshitsweng tlasa Molao ha e a tlolwa; kapa b ho lekola hore naa lesedi lefe kapa lefe leo ho fanweng ka lona ho latela tumello ya polokeho le nepahetseng kapa tjhe.
Mohlahlobi wa polokeho ya kenang sebakeng ho latela karolo ena, ka kopo ya motho ofe kapa ofe ya sebakeng seo, o lokela hore a itsebise mme a nehelane ka setifikeiti sa khiro ho ya ka moo ho lohothilweng ka teng karolong ya 332.
Mosebetsi wa ho thusa mohlahlobi wa polokeho
Ha mohlahlobi wa polokeho a kena sebakeng sefe kapa sefe kapa sebakeng seo ho buuwang ka sona temaneng ya 34 kapa temaneng ya 34 , mong?a sebaka kapa motsamaisi le mosebetsi e mong le e mong ya phethang mosebetsi ofe kapa ofe ba lokela ho thusa mohlahlobi wa polokeho, ba fane ka dikarabo dipotsong le ho nehelana ka monyetla ofe kapa ofe oo mohlahlobi a o hlokang ka mabaka a utlwahalang.
Batho ba botswang ke mohlahlobi wa polokeho tlasa temananyana ya 1 ba lokela ho fana ka karabo potsong e nngwe le e nngwe ka bokgoni bohle boo ba nang le bona, empa ha ho motho eo ho hlokehang hore a arabe potso efe kapa efe ha e ba mohlomong karabo eo a tla fana ka yona ho latela mabaka a utlwahalang e tla be e mo kenya tshotsho dinaleng.
Mosebetsi wa ho hlahisa ditokomane
Motho ofe kapa ofe ya nang le tumello ya polokeho kapa ya lokelang ho ba le yona kapa tokomane efe kapa efe e nngwe, ho kenyeleditswe tokomane ya ilektroniki, e ntshitsweng kapa e hlokehang ho latela Bili ena, o lokela ho e hlahisa ha mohlahlobi wa polokeho a e kopa mme o lokela-
a ho dumella mohlahlobi wa polokeho, ka sepheo sa tlhahlobo ena, ho tlosa theepa efe kapa efe kapa eng kapa eng eo mohlahlobi a e supileng;
b ho dumella tlhahlobo ya ditokomane tse hlwailweng ke mohlahlobi ho kenyeleditswe taba ya ho etsa dikhopi tsa teng; le c ho nehelana ka lesedi lefe kapa lefe ho mohlahlobi, ha mohlahlobi a entse kopo e utlwahalang ho latela taolo ya motho eo.
Matla a mohlahlobi wa polokeho a ho sebetsana le maemo a sa bolokehang
Ha mohlahlobi ho latela mabaka a utlwahalang aa dumela hore boemo kapa mosebetsi ke tshoso kapa o ka baka tshoso tshebetsong e bolokehileng ya ralewa, mohlahlobi a ka fana ka taelo e lebang ho motho ofe kapa ofe ya ikarabellang boemong bo jwalo ka mosebetsi o jwalo hore ?
a mosebetsi oo o sehelwe moedi kapa o kgaotswe, mme mohlahlobi a ka beha dipehelo mosebetsing o jwalo; kapa b ho nkwe bohato nakong e utlwahalang ke motho ya amehang ba ho fedisa tshoso .
Motho ofe kapa ofe ya fuweng taelo tlasa temananyana ya 1 o lokela ho nka mehato e lokodisitsweng taelong, nakong e itseng e badilweng, ho lokisa mosebetsi oo kapa boemo boo ho buuweng ka bona taelong eo.
KGAOLO YA BOSUPA
DIPHUPUTSO LE HO TLALEHA KETSAHALO YA RALEWA
Tlaleho ya ketsahalo ya ralewa
Mosebetsi kapa moqhobi e mong le e mong o lokela ho tlalehela mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ka diketsahalo tsohle tsa mofuta le sehlopha ka mokgwa le sebopeho ho latela ka moo Letona le laeleditseng ka teng.
Phuputso ya ketsahalo ya ralewa
Lekgotla ha le amohetse taelo e tswang ho Letona, le lokela ho fuputsa ketsahalo efe kapa efe ya ralewa ka sepheo sa ho thibela ketsahalo tse tshwanang le tsena ka nako e tlang.
Lekgotla le na le hona ho ka, le ha Letona le laela lekgotla ho etsa jwalo, le lokela ho hira motho ya nang le mangolo a loketseng ho etsa diphuputso tsohle tseo ho buuwang ka tsona temanyaneng ya 1.
aMofuputsi ya hirilweng ho latela temananyana ya 2, o lokela ho fana ka tlaleho e ngotsweng ho lekgotla ha a se a qetile ho fuputsa mme lekgotla le ka nna la amohela tlaleho ena jwalo ka qeto ya lekgotla kapa la sebetsana le yona ha le dumela hore ke bohlale ho etsa jwalo.
Lekgotla le ka amohela pehelo ha ya lona e le qeto ya lona kapa la sebetsa ka yona ho latela ka moo le bonang ho hlokeha.
Motho ya etsang diphuputso ketsahalong efe kapa efe ya ralewa ho latela dipehelo tsa temanyana ya 2, a ka kena le ho hlahloba sebaka sefe kapa sefe, ntle le ntlo ya bodulo, theepa ya tshebetso, marangrang a tshebetso kapa makaretjhe a ralewa eleng theepa e tlasa taolo ya motho ofe kapa ofe, eo ho latela maikutlo a mofuputsi, le ka mabaka a utlwahalang le ka moo ho hlokehang ka sepheo sa diphuputso.
Motho ofe kapa ofe ya nang le taolo kapa mosebetsi ho latela ketsahalo ya ralewa, ho kenyeleditswe le sebaka kapa tikoloho, seo eleng sona se fuputswang ho latela temanyana ya 1 o tlameha-
a ho dumella mofuputsi ho suthisa, ka morero wa diphuputso, theepa efe kapa efe kapa ntho tse supilweng ke mofuputsi.
b ho dumella tlhahlobo ya ditokomane e lokodisitsweng ke mofuputsi ho kenyeleditswe taba ya o etsa dikhopi ya ditokomane tsena; le c ho fana ka lesedi lefe kapa lefe le taolong ya motho eo ho mofuputsi, ha mmofuputsi a etsa kopo ka mabaka a utlwahalang.
Batho ba hlongwang dipotso ke mofuputsi ya hirilweng ho latela temanyana ya 2 ba lokela ho araba potso e nngwe le e nngwe ka tsebo ya bokgoni bohle ba bona, empa ha ho motho eo ho hlokehang hore a arabe potso efe kapa efe e tla mmeha ka mosing ka ho e araba.
KGAOLO YA BOROBEDI
Tlhomamiso ya mokgwa wa naha wa lesedi la polokeho ya ralewa le tlhokomelo
1 Bolaodi bo lokela ho theha mokgwa wa lesedi la naha le tlhokomelo mabapi le tshebetso e bolokehileng ya ralewa kahare ho Afrika Borwa.
Mokgwa wa lesedi lena o ka kenyeletsa, hare tse ding ?
a bukana e ngodisang batho bohle ba nang le ditumello tsa polokeho b diketsahalo tsa ralewa;
c ditaba tsa tshireletso d polokeho le bophelo bo botle mosebetsing; le e le taba efe kapa efe eo lekgotla le bonang e hlokeha.
Bolaodi bo ka hloka hore motho ofe kapa ofe, hore nakong e utlwahalang kapa kgafetsa jwalo, a fane ka lesedi lefe kapa lefe ka mokgwa o ngotsweng, ditokomane, disampole kapa theepa e hlokehang ka mabaka a utlwahalang ka morero wa mokgwa wa lesedi lefe kapa lefe kapa mokgwa wa tlhokomelo.
Lesedi le furweng ke mokgwa ofe kapa ofe wa lesedi kapa mokgwa wa tlhokomelo o thehilweng ho latela kgaolo ena le lokela hore le etswe hore le fumanwe ke Bolaodi, ho nketswe hloohong meedi efe kapa efe e behilweng ke Molao wa Kgothaletso ya ho Fihlella Lesedi Molao wa nomoro ya 2 selemo sa 2000 (Molao wa Nomoro ya 2 wa selemo sa 2000), le tefo ya tjhelete e itseng e tla behwa ke Bolaodi ka tsebiso Koranteng ya Mmuso.
Melawana ya taolo ya tlhokomelo, tlhahlobo le lesedi
Letona le ka nna la etsa melawana e laeletsang ?
a tataiso, mehato, maemo le mekgwa ya ho hlokomela; le b sebopeho, mofuta, nako le sebopeho sa lesedi le lokelang hore ho nehelanwe ka lona bakeng sa tlhahlobo ho latela Kgaolo ena.
KGAOLO YA BOROBONG
BOIPILETSO LE THAROLO YA QABANG
Boipiletso bo lebang ho mohlanka wa phethahatso mabapi le qeto ya mohlahlobi wa polokeho
Motho ofe kapa ofe eo ditokelo tsa hae di anngweng hampe ke qeto ya mohlahlobi wa polokeho, e ka ba ho latela temana ya 37, kapa tshebediso ya matla afe kapa afe ao a fuweng ho latela Molao ona, o na le hona ho ka etsa boipiletso kgahlanong le qeto eo ho mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso.
Boipiletso bo jwalo bo lokela-
a kena nakong ya matsatsi a 60 ho tloha mohla mohlahlobi wwa polokeho a neng a tsebisa ka qeto eo kapa letsatsi le latelang ha morao ho latela ka moo mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso a tlang dumela;
b mme o lokela ho lokodisa hantle mabaka a boipiletso boo.
Ka morao hoba mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso a hlahlobe mabaka a boipiletso le mabaka a mohlahlobi wa polokeho a qeto ya hae, ka potlako ho latela ka moo ho ka kgonehang ka teng-
a o tla tiisa, a qhelele thoko kapa a etse qeto e nngwe e fapaneng; kapa b a fetole qeto efe kapa efe bakeng sa qeto e entsweng ke mohlahlobi wa polokeho le qeto ya mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso.
Boipiletso ho lekgotla kgahlanong le qeto e entsweng ke mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso
Motho e mong le e mong eo ditokelo tsa hae di anngweng hampe ke qeto ya mohlanka ya ka sehloong wa phethahatso, mohlomong ho latela temana ya 44 kapa ka ho phethahatsa matla ao a nang le wona ho latela Bili ena, a ka etsa boipiletso ho lekgotla kgahlano le qeto eo.
Boipiletso bo jwalo bo tlameha -
a ho kenngwa nakong ya matsatsi a 60 ka morao ho letsatsi leo qeto e neng e tsebahatswa ka lona ke lekgotla kapa letsatsi le leng le tlang ha morao ho latela ka moo lekgotla le tla dumela ka teng;
mme b ho lokodisa mabaka a hao a boipiletso.
Lekgotla ka morao hoba le lekole mabaka a hao a boipiletso le ho lekola qeto ya mohlaka ya ka sehloohong wa phethahatso, le lokela hore ka potlako ka moo ho kgonehang ka teng le-
a tiise, le qhelele ka thoko kapa le fane ka qeto e nngwe e fapaneng; kapa b fetole qeto ya mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso bakeng sa qeto ya lekgotla.
KGAOLO YA BOLESHOME
DITLOLO TSA MOLAO LE PHEKO
Ditlolo tsa molao
Motho e mong le e mong ya-tlolang molao kapa ya hlolehang ho inyalanya le temana ya 22 kapa eo qeto e entsweng mabapi le yena ho latela temana ya 24;hlolehang ho ikamanya le taelo e lohothwang temaneng ya 37;
Motho ya ahlolwang ka tlolo ya molao ho latela karolwana ya 1 o lokelwa ke ho lefiswa ka morao hoba a fumanwe a le molato kapa a ahlolelwa nako e sa feteng dilemo tse 15 tjhankaneng, kapa tsona bobedi eleng tefiso le ho hlola tjhankaneng.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang molao kapa ya hlolehang ho ipapisa le karolo efe kapa efe ya Molao o molato ka tlolo ya molao.
Motho ya fumanwang a le molato ka tlolo ya molao ho latela karolwana ya 3 o lokelwa ke kahlolo ya ho lefiswa kapa ho hlola tjhankaneng nakong ya dilemo tse sa feteng dilemo tse 5, kapa kahlolo tsena di le pedi eleng ya ho lefiswa le ho hlola tjhankaneng.
Moo motho ofe kapa ofe a ileng a fumanwa a le molato mme a fuwa kotlo ho latela Molao ona mme-
a ho na le motho ya tswileng kotsi kapa ya lahlehetsweng ka lebaka la ketso eo kapa bolebadi boo eleng tlolo ya molao; kapa b ho na le tshenyo e bakilweng theepeng kapa tikolohong, Lekgotla le ka nna la etsa hore nyeweng yona eo-
i ka kopo e ngotsweng ya motho ya tswileng kotsi kapa ya lahlehetsweng; kapa ii ka kopo e ngotsweng e tswang ho Letona kapa ho Bolaodi ho latela tshenyo e bakilweng theepeng kapa tikolohong; le iii boteng ba motho ya fumanweng a le molato, a etsa potsisiso ntle le ho totobatsa boemo ba hae ntlheng ya ho tswa kotsi, tahlehelo kapa tshenyo le ho tsepamisa boholo ba kameho eo.
Ho putswa mabapi le tshenyehelo
Ka morao hoba ho tsepamiswe ntlha ena ho latela temana ya 49, Lekgotla le ka nna la-
a fana ka moputso bakeng sa tahlehelo kapa ho tswa kotsi hoo motho a ileng a ba le hona hoo ho buuwan ka hona temaneng ya 49 kgahlanong le moqosuwa;
b laela hore moqosuwa a lefelle ditshenyehelo tsa mehato e nkilweng ya tlhabollo kapa eo eleng hona e tla nkuwa; kapa c laela hore mehato ya tokiso e etsuwe ke moqosuwa.
Ditlolo tsa molao tse mabapi le dikamano tsa ramosebetsi le mosebetsi
Ha ketso kapa bolebadi ba mosebetsi kapa moromuwa e nkuwa e le tlolo ya molao ho latela Molao ona mme hona ho etsuwa ka boomo kapa tumello e sa qaqiswang hantle ya ramosebetsi kapa hlooho ya mosebetsing, ho latela ka moo ditaba di leng ka teng, ramosebetsi kapa hlooho ya mosebetsi, ho latela ka moo ditaba di leng ka teng, ha mmoho le taba ya hore mosebetsi kapa moromuwa kapa hlooho ya mosebetsi, o tla jara boikarabelo ba kotlo ya tlolo eo ya molao; kapa
Boikarabelo ba Molaodi
Motho e mong le e mong eo eleng molaodi kapa eo e neng e le molaodi wa motho ka molao nakong eo motho eo wa molao ya ileng a fumanwa a le molato ka tlolo ya molao tlasa Bili ena a neng a tlola molao ona ka boyena o tla fumanwa a le molato wa tlolo e bolelwang mme o na le boikarabelo kotlong ya ho lefiswa e qaqisitsweng ha e ba tlolo eo ya molao eo ho buuwang ka yna e ile ya ba teng ka lebaka la ho hloleha ha molaodi hore a nke mehato yohle e utlwahalang e neng e hlokahala tlasa maemo oo ho thibela hore tlolo eo ya molao e seke ya ba teng: Ha feela ho na le bopaki ba tlolo eo e bolelwang ke motho eo wa molao e tla ba bopaki bo bonahalang boo molaodi aa tla fumanwa a le molato ka bona tlasa karolo ena.
KGAOLO YA LESHOME LE MOTSO O MONG
DIPEHELANO TSE AKARETSANG TSE MABAPI LE MELAWANA
Ho etswa ha melawana
Letona, ka morao hoba le tshware ditherisano le lekgotla le ka morao hore le etse tsebiso Koranteng ya Mmuso, le ka ba le hona ho etsa melawana mabapi le taba e nngwe le e nngwe-
a e hlokwang kapa e dumeletsweng hore e laeletswe ho latela Molao ona;
be leng e hlokehang bakeng sa ho laeletsa tsamaiso e sebetsang hantle ya Molao ona
Molawana ofe kapa ofe o etswang ho latela temanyana ya 1 o ka nna wa hbeha hoe-
a tlolo ya molao oo kapa ho hloleha ho inyalanya le ona, ke tlolo ya molao; mme b motho ya fumanwang a le molato ka tlolo eo lya molao o tla fuwa kotlo e nang le tefiso e laeleditsweng kapa nako ya ho hlola tjhankaneng nako e sa feteng nako e laeleditsweng.
Letona le lokela hore pele ho etswa molawana ofe kapa ofe ho latela Molao ona, a le phatlalatse tsebiso Koranteng ya Mmuso-
i moo le lokodisang setshwantsho sa melawana eo; le ii ho mema maikutlo a ngotsweng hore a kenngwe mabapi le melawana eo e hopotsweng, moo ho totobatswang aterese moo maikutlo ana a lokelang ho romelwa teng pele ho letsatsi le itseng, eleng letsatsi le kekeng la e ba pele ho nako ya matsatsi a 60 ka morao hoba ho etswe phatlalatso ya tsebiso eo;
b ho lekola mehato e meng hape e ka bang teng hape, ha e ba ho na le e meng, e tshwanetseng e tla etsa hore dikahare tsa tsebiso ena di finyelle bathong ba nang le thahasello, le ho nka mehato eo Letona le hopolang hore ke e loketseng;
c ho thuisa maikutlo kaofela a amohetsweng mohla letsatsi leo le boletsweng kapa pele ho letsatsi leo le qaqisitsweng seratswaneng sa aii; le d hore ha Palamente ya Naha e etsa kopo kapa Lekgotla la Naha la Diprovense kapa komiti ya Palamente kapa ya Lekgotla la Naha la Diprovense ho be le tlaleho ka moo maikutlo a itseng a ikgethang a ileng a lekolwa ka teng, kapa ha e ba maikutlo ha nkellwa hloohong, le teng ho fanwe ke lebaka hore ke hobaneng ha maikutlo ao a sa ka a tsotellwa.
Letona le lokela hore nakong ya matsatsi a 30 ka morao ho ba le etse molawana ofe kapa ofe ho latela Molao ona , le teke melawana ka Palamenteng ya Setjhaba le Lekgotleng la Diprovense tsa Naha.
KGAOLO YA LESHOME LE METSO E MMEDI
DIPEHELANO TSA NAKWANA LE TSA KAKARETSO
Ho tlameha ha Mmuso
Molao ona o tlama makala ohle a Mmuso.
Ho sehelwa moedi ha Boikarabelo
Mmuso kapa motho ofe kapa ofe e mong o na le boikarabelo tshenyehelong efe kapa efe kapa tahlehelong e bakilweng ke-
a phethisong ya matla afe kapa afe kapa phethahatsong ya mosebetsi ofe kapa ofe ho latela Molao ona; kapa b ho hloleha ho phethisa matla afe kapa afe, kapa ho phethahatsa mosebetsi ofe kapa ofe ho latela Molao ona, ntle le ha ho phethisa kapa ho hloleha ho phethisa matla, kapa phethahatso kapa tlholeho ya ho phethahatsa mosebetsi ona e ne e le ketso eo eseng ya molao, e bohlaswa kapa e le ntho e entswe ka tshwetso.
Thuso ya ditjhelete
Moo mosebetsi o lohothwang, kaho kapa mesebetsi e meng e ne e tla ntlafatsa polokeho ya ralewa kapa tshebetso e bolokehieleng ya ralewa, dikopo di ka nna tsa etswa ke lekgotla kapa motho ofe kapa ofe ho Letona bakeng sa thuso ya ditjhelete e mabapi mosebetsi o lohothwang, kaho kapa mesebetsi e meng.
Moo kopo e amohetsweng tlasa temanyana ya 1, Letona, ha le kgotsofetse hore kopo e entswe ka mokgwa o nepahetseng le hore tshebetso e bolokehileng ya ralewa e tla matlafatswa ha ho ka etswa mosebetsi oo o lohothwang, kaho kapa mosebetsi o mong, le ka nna la dumela hore ho be le thuso ya ditjhelete ka morero wa ho lefella mosebetsi kaofela kapa karolo ya ona, wa kaho kapa mesebetsi e meng.
Thuso ya ditjheleteeo ho buuwang ka yona temanyaneng ya 2 e lokela hore e be e tswang letloleng-
a le abilweng ke Palamente; kapa b leo tlasa Bili ena kapa leo ka molao le sebedisetswang morero ona oo ho buuweng ka ona.
Motho eo ka boomo a hlolehang ho ikamanya le boitlamo bofe kapa bofe bo qobellwang ke Bili ena ha a tshwanelwa ke ho fumana thuso ena ya ditjhelete tlasa Bili ena.
Letona le ka etsa melawana mabapi le ?
a ho tshwanelwa ke ho fumana thuso ya ditjhelete;
bmokgwa oo thuso ya ditjhelete e lokelang ho kopuwa ka ona; le c dipehelo le dipallo tse tsamayang le thuso efe kapa efe ya ditjhelete eo ho nehelanwang ka yona.
Tshebedisano ya Matjhaba
Letona, ka ditherisano le Kabinete, ka tsebiso ya Koranta ya Mmuso, le ka hloka hore Bolaodi bo phethahatse tumellano efe kapa efe ya matjhaba e kenetsweng ke Afrika Borwa le mmuso wa kantle e amanang le tshebetso ya bolokehileng ya ralewa.
Ntle le moo tumellano ya matjhaba e fanang ka monyetla o mong, Bolaodi bo lokela ho tlaleha ho Letona ka phethahatso efe kapa efe ya mesebetsi ya teng tlasa karolwana ya 1 nakong ya dikgwedi tse tharo pheletsong ya selemong sa ditjhelete.
Tlaleho eo ho buuwang ka yona karolwana ya 2 e lokela ho ba le lesedi le lekaneng le tla dumella Letona ho ka hlahloba mosebetsi wa Bolaodi mabapi le mesebetsi ya bona tlasa karolwana ya 1 kgahlanong le merero e lokodisitsweng tumellanong e tshwanetseng ya matjhaba.
Tshebetso ya boromuwa
Moo matla a boemedi a fuweng motho ya itseng hore a nehelane ka matla a boemedi a phethahatso ya matla ao, ntle le ha ho hlahela boikemisetso bo fapaneng-
a boromuwa bo jwalo moo bo sa thibeleng hore motho ya entseng boemedi boo a phethahatse matla ao, kapa a phethahatse mosebetsi oo;
b boemedi bo jwalo bo ka etswa hore bo itshetlehe dipehelong tse jwalo kapa meeding ho latela ka moo motho ya etsang boemedi boo a ka qaqisang ka teng; le c matla a boemedi ao ho nehelanweng ka yona jwalo, ao ha a phethahatswa kapa a phethiswa ke motho ya fuweng matla a jwalo, a lokelwang ho nkuwa a phethahaditswe kapa a phethisitswe ke motho ya etsang boemedi bo jwalo.
Ditokomane tse nkuwang di ntshitswe e bile di dumeletswe hantle
Tsebiso, taelo kapa tokomane e nngwe e ntshitsweng ho latela Molao ona ka moya o motle ke Bolaodi e bile e saennwe ke modulasetulo kapa mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso wa Bolaodi e lokela ho nkuwa e intshitswe e bile e dumeletswe ka moo ho nepahetseng ka teng ho latela qeto e sebetsang, ho fihlela ho ka hlahiswa bopaki bo hanyetsanang.
Tokomane efe kapa efe e ntshitsweng ho latela Molao ona ntle le tumello e ka tiiswa ha morao.
Ditokomane le mehato tse sebetsang tlasa maemo a itseng
Tsebiso, taelo kapa tokomane e nngwe e intshitsweng ka moya o motle ho latela Molao ona, empa e sa tsamaelane le Molao ona, e na le matla a tshebetso ha tlhokeho ya boikamanyo e se e behang motho ofe kapa ofe ka mosing.
Ho hloleha ho nka mehato efe kapa efe e hlokehang ho latela Bili ena jwalo ka ha e le sona se hlokehang pele ho ka fihlela qeto efe kapa efe kapa kgato efe kapa efe ha ho hlokise qeto kapa mohato ofe kapa ofe matla ha e ba ho hloleha hoo a e le ho sa amaneng le mooko wa ditaba;
b e le ho seng ho ile ha lokisitswa ka morao ho moo; mme c ho sa behe motho ofe kapa ofe ka mosing.
Ho hloleha ka moya o motle ho ka tshwara ditherisano kapa ho romela ditsebiso ho motho ofe kapa ofe ya tshwanelehileng kapa mokgatlong o itseng ho latela ka moo Bili e hlokang hore ho etswe ka teng ha ho hlokise matla ketso efe kapa efe kapa tsela efe kapa efe eo ditherisano tse jwalo di hlokahalang pele ka lebaka la yona.
Tsela e latelwang ha ho nehelanwa ka ditokomane
Tsebiso efe kapa efe, taelo kapa tokomane e nngwe ho latela Molao ona, e tshwanetse hore e fihliswe moo e yang teng-
a ha e ba e lokela hore e finyelle mothong ya tlwaelehileng-
i ka ho fihliswa ka letsoho mothong eo;
ii ka ho fihliswa ka letsoho mothong ya ikarabellang kgwebong ya motho eo kapa atereseng ya hae ya bodulo;
iii ka ho e romela ka tsela ya ho posa mangolo ya mangolo a ngodisitsweng kgwebong ya motho kapa atereseng ya hae ya bodulo;
kapa iv moo aterese ya motho ya jwalo ya kgwebo kapa ya bodulo e sa tsejweng, ekasitana le ha ho entswe dipatlisiso tse utlwahalang, ka ho phatlalatsa hang
Koranteng ya Mmuso le ho phatlalatsa hang koranteng tse potolohang sebakeng seo motho eo a qeteletsweng a dula ho sona kapa atereseng ya hae ya kgwebo; kapa b ha e ba e reretswe motho wa molao-
i ka ho fihliswa ka letsoho mothong ya nang le boikarabelo atereseng e ngodisitsweng kapa ya sebakeng sa kgwebo sa sehlooho sa motho wa molao;
iii ka ho e romela ka tsela ya ho posa mangolo ya mangolo a ngodisitsweng atereseng e ngodisitsweng kapa sebakeng sa sehlooho sa kgwebo sa motho eo wa molao;
iv ka ho hokela ka mokgwa o bonahalang tokomane ena sebakeng sa bokeno sa aterese e ngodisitsweng kapa sebakeng sa sehlooho sa kgwebo sa motho wa molao; kapa v ka ho romela ka letsoho sethong se seng le se seng sa lekgotla la balaodi kapa lekgotleng le laolang sa motho wa molao.
Tsebiso efe kapa efe, taelo kapa tokomane e nngwe eo ho nehelanweng ka yona ho latela temanyana ya e nkwa e finyeletse ho motho, ntle le ha ho ka bontsha bopaki bo hanyetsanang le ntlha ena.
Ho fediswa ha melawana le dipoloko
Ditemana tsa 1, 2, 3 le 4 tsa Tatelano ya Molao ya Molao wa selemo sa 1989 (Molao wa Nomoro ya 9 wa 1989) wa Tshebeletso ya Dipalangwang ya Afrika Borwa mona e fedisitsweng.
Sehlooho se sekgutshwanyane le tshimoloho
Ona ke Molao wa Bolaodi ba Polokeho ya Ralewa wa selemo sa 2002, mme o qala ho sebetsa ho tloha mohla letsatsi le behilweng ke Mopresidente ka kgweletso e tla etswa Koranteng ya Mmuso.
MEMORANDAMO KA BOIKEMISETSO BA BILI YA BOLAODI YA RALEWA YA SETJHABA YA AFRIKA BORAWA
MOTHEO
n1.1 Ka diopareitara tse ngata le baamehi indastring ya ralewa ya Afrika Borwa ho hlokeha hore ho potlakiswe tsela ya molao eo tshebetso ya polokeho e lokelang hore e tsamaiswe ka yona , e laolwe le ho hlokomelwa.Bili e hlahisitswe hore ho fanwe ka monyetla o jwalo le ho kgothaletsa tshebetso e bolokehileng ya ralewa. Mona ho kenyeletswa setjhaba le basebetsi ba indastri ya ralewa, ha mmoho le tshireletso ya theepa le tikoloho tshebetsong ya ralewa, ho kenyeleditswe moralo ho batlwa ha moralo wa mosebetsi le makaretjhe. Mokgwa ona o taheha moralo wa molao oo kahare ho ona ho ka ntshetswang pele maemo a tshwanang a polokeho le ho a sebedisa.
Polokeho ya tshebetso ya ralewa jwale e tla tsamaiswa ho latela Mokgwa wa Taolo e Bolokehileng (SMS). Opareita e ntshetsa pele le ho phethisa lewa le loketseng bakeng sa tsamaiso e bolokehileng le ho fokotsa mathata. Bili e theha Bolaodi bo sa nkeng lehlakore le bo se nang leeme ba Polokeho ya ralewa, boo mosebetsi wa bona e leng ho hlakisa le ho hlahloba taba ya boinyalanyo le Mokgwa wa Taolo e Bolokehileng. Bolaodi bo tla ba le matla a hlokehang a ho hlokomela polokeho indastring ya ralewa. Bo sebetsa jwalo ka moemedi ya hlokang leeme ya nehelanang ka pehelo ka ho otloloha ho Letona la Dipalangwang, mme bo thehilwe ka lekgotla le kgethilweng ke Letona, Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso le moifo wa basebetsi.
Ho amohelehile hore mokgweng o mong le o mong wa ralewa boikarabelo ba sehlooho bakeng sa polokeho bo itshetlehile mahetleng a dikhampani tse sebetsang ralewa. Boikemelo ba Bolaodi diopareitareng tsena bo kgothaletsa boikarabelo le bakeng sa polokeho ya tshebetso ya tsona mme bo nehelana ka moralo o nepahetseng bakeng sa tlhokomelo e ntlalafatseng le e sebetsang hantle ya polokeho ya indastri ya ralewa. Tlasa tsela e jwalo ya molao, ntlafatso ya motjha o tjhele ya polokeho ya ralewa e dula e tiisitswe, mme ka hoo ho kgothaletswa tshebediso ya ralewa jwalo ka mokgwa o sebetsang hantle wa dipalangwang.
Bolaodi bo fumana ditjhelete haholo tjheleteng e abilweng ke Palamente, ha mmoho le ditefellong tse lefilweng ekasitana le dinyehelo tseo di bo fumanang. Letona ka tumellano le Letona la Ditjhelete, le tsepamisa meputso ya ditho tsa baokamedi ba lekgotla.
Tsela ya taolo e behilweng ke Bolaodi e itshetlehile ditlhokong tsa tshebetso ya ralewa. Bolaodi b hloka hore moikopedi a nehelane ka Pehelo ya Mokgwa wa tsamaiso o bolokehileng, e hlohlojwang ka mokgwa o sa kgetheng lehlakore pele ho nehelanwa ka laesense. Bolaodi ho tloha moo bo hlokomela tshebetso ya e bolokehileng ya mokgatlo ka ho etsa ditlhahlobo tse tlwaelehileng neng kapa neng feela, ka tlhakiso ya dibuka le ho hlahloba dipehelo tsa dikotsi, dipalopalo tsa dikotsi le ditshekamelo ho tiisa hore ho na le nyalano le Mokfwa wa Taolo e Bolokehileng.
Letona le ka nna la etsa melawana e ka bang le tshusumetso e otlolohileng kapa e sa otlolohang polokehong ya ralewa. Ho feta moo, boitekong ba ho tlisa kutlwano tsamaisong ya polokeho , boemo bofe kapa bofe bo amohetsweng ke Lekgotla bo tlama batho ba amanang le mesebetsi efe kapa efe e mabapi le dikarolo tseo tsa tshebetso ya ralewa tseo maemo ana a amanang le tsona. Ka hoo, ho na le boitlamo bo nepahetseng ba hore diopareitara di inyalanye le maemo a polokeho .
MAIKEMISETSO A BILI
Boikemisetso bo ka sehloohong ba Bili ke ho etsa monyetla wa ho motheo wa Bolaodi wwa Ralewa e Bolokehileng e le hore ho tle ho laolwe tshebetso e bolokehileng ya ralewa; bakeng sa maikemisetso le mesebetsi ya bona; ka mokgwa oo bo lokelang hore bo tsamaiswe ka teng le molemong wa ditaba tsa basebetsi ba teng; ho etsa monyetla wa maemo a polokeho le ditlwaelo tsa molao bakeng sa tshireletso ya batho, theepa le tikoloho; le ho nehelana ka monyetla bakeng sa ditaba tsa tsamaelanang le yona.
Tekolo e nngwe ya bohlokwa ke ho tlisa ho kgema mmoho ha tshebetso ya ralewa ya Afrika Borwa e bolokehileng le maikemisetso le ditlhoko tsa Ntshetsopele ya Setjhaba sa Afrika Borwa (SADC) bakeng sa tshebetso ya ralewa e le ho tiisa hore ho tla fihlellwa sepheo seo le ho theha mokgwa o loketseng wa molao.
DITHERISANO
Ho ile ha ba le ditherisano le Mafapha a latelang kapa mekgatlo:
Lefapha la Basebetsi
Mekgatlo ya boemedi ba Bapalami, ho kenyeleditswe Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Bapalami
Spoornet
Koporasi ya Bapalami ba Afrika Borwa ba Diterene
Bommasepala
Mokgatlo wa Ralewa wa Afrika e ka Borwa (SARA)
Lefapha la Dihlahiswa le Matla
Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho
Lefapha la Bophelo bo botle
Ho boetse ho hlophisitswe ditherisano tse ding leDiprovense tse latelang: ya Freistata, ya Mpumalanga, ya Kapa Leboya le Kapa Botjhabela, ekasitana le Lefapha la Temo, Lefapha la Puso ya Diprovense le Puso ya Selehae le Lefapha la Polokeho le Tshireletso.
Ha ho letho
MEHATO YA PALAMENTE
Baeletsi ba Mmuso ba Molao le Lefapha la Dipalangwang ba na le maikutlo a hore Bili ena e lokela hore ho sebetsanwe le yona ho latela mehato e laeleditsweng ke karolwana ya 76 kapa ya ya Molao wa Motheo hobane e wela karolong ya mosebetsi ya e lokodisitsweng Schedule 4 Molaong wa Motheo, eleng
